04/08/2026
Lipapali tsa liki li tla qala mafelo a khoeli ea Phato monongoaha:
Mankoe FC ke sehlopha sa bolo ea maoto sa metse ea Sefikaneng se bapalang boemong ba B- Division.
04/08/2026
Lipapali tsa liki li tla qala mafelo a khoeli ea Phato monongoaha:
30/07/2026
Mankoe e phethela ngoliso ea sehlopha ka katleho;
Re hlaha mona ka thabo e kholo ho le tsebisa h**e sehlopha sa rona sa Mankoe Football Club se fetile mokhahlelo oa ho ngolisa le mokhatlo o tsamaisang bolo seterekeng sa Berea, DIFA Berea mokhahlelong oa B- Division ka katleho.
Leha ngoliso ea lihlopha e koalloa hosane ka la 31 Phupu 2026, Mankoe ese itlhahanetse Mme joale e tla fetela mokhahlelong o hlahlamang eleng oa ho ngolisa libapali.
Taba ena ke letšoao le letle haholo la kholo ea sehlopha sa rona mme re lokela bohle Mankoe re tšoaraneng ka matsoho, re tšehetse bashanyana.
17/07/2026
Kajeno ke letsatsi la tsoalo ea Motlotlehi, Khosi Letsie oa Boraro.
Re Holele Ra-Basotho. Happy 63rd Birthday, Your Majesty!
11/07/2026
Le lemong se tlang re tlo ba teng.
04/07/2026
Sehlopha sa rona se atlehile romela bana ba bahlano ho bonts’a talent ea bona ho LeFA TDS Trials Teyateyaneng maobane.
Ba khutlile ba thabile haholo ke monyetla le experience tseo ba li fumaneng.
Moifo oa sehlopha eme tjena:
Kabelo Joseph Lefuma - Under 12
Lungile Lemao - Under 12
Limpho Kaota - Under 13
Bakoena Moeletsi - Under 14
Keketso Sekantši - Under 14
02/07/2026
Ha bo esa!
Khotsong Mankoe a khabane
Hosane, ka Sontaha ho tla ba le papali ea bashanyana ba under 14 ba Ha Moeketsi khahlanong le ba Ha Mpoba le ba Masemakeng under 14 lebaleng Sefikaneng Primary School.
Papali ena e molemong oa ho khetha ba ipabolang bakeng sa ho isoa TY for Trials beke e tlang.
20/06/2026
Khotsong Mankoe a khabane:
Kamora lipuisano tsa nako e telele, botsamaisi ba sehlopha bo fihletse qeto ea ho ngolisa sehlopha tournamenteng ea mariha Ha Mokonyana.
Sena hape ke boitukiso ba lipapali tsa liki. Re mema batsehetsi bohle ba sehlopha ho se sala morao ka mekhoa eohle e ka khonehang.
15/06/2026
Khotsong Mankoe a khabane:
Monyetla ke ona ho bashanyana le banana ba hlahileng ka 2012, 2013, kapa 2014
Ka letsatsi la boraro la khoeli Phupu (03 rd July 2026) ho ba le liteko (football trials) mane TY Ha Ntjabane. Sehlopha sa Mankoe se fana ka monyetla bashanyana ba babeli le ngoanana a le mong ho ba lefella transport ea ho ea le ho khutla TY.
E be ba ipobolang ho feta bohle ba lilemo tse boletsoeng ho tsoa metseng ea Ha Moeketsi, Ha Mpoba, Ha Lerotholi, Ha Rakabaele le Mohasholane. Ikopanye le coach Mahaole Tsikoane bakeng la lintlha tse feletseng.
09/06/2026
Congratulations Sir. Masuna
Monna se ntle ke ho boea le marumo hae!
| Monday | 09:00 - 17:00 |
| Tuesday | 09:00 - 17:00 |
| Wednesday | 09:00 - 17:00 |
| Thursday | 09:00 - 17:00 |
| Friday | 09:00 - 17:00 |
| Saturday | 09:00 - 17:00 |
| Sunday | 09:00 - 17:00 |